27. le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane.
28. Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
29. Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.
30. Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.
31. Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.
32. Tsena ke dinaha tseo Moshe a ileng a di aba e le lefa diphuleng tsa Moabe, kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko.
33. Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise.