23. Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
24. Moshe a abela bana ba morabe wa Gade naha, ho ya ka malapa abo bona.
25. Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;
26. le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri;
27. le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane.
28. Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.
29. Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.