Joshua 13:15-33 BIBELE (SSO89SO)

15. Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona.

16. Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,

17. le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,

18. le Jahase, le Kedemote, le Mefaata,

19. le Kiriataime, le Sibema, le Serete-Shahara e hodima leralla la kgohlo,

20. le Bete-Peore, le matswapo a Pisega, le Bete-Jeshimote,

21. le metse yohle e phuleng, le naha yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, eo Moshe a neng a mmolaye hammoho le mahosana a Midiane: Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng mahosana a Sihone, a neng a ahile naheng ena.

22. E mong wa ba bolailweng ke bana ba Iseraele ka sabole e ne e le Bileame wa senohe, mora wa Beore.

23. Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.

24. Moshe a abela bana ba morabe wa Gade naha, ho ya ka malapa abo bona.

25. Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;

26. le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri;

27. le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane.

28. Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.

29. Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.

30. Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.

31. Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.

32. Tsena ke dinaha tseo Moshe a ileng a di aba e le lefa diphuleng tsa Moabe, kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko.

33. Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise.

Joshua 13