10. le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone.
11. Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka,
12. le naha yohle e Bashane, ya Oge, ya neng a busa Ashetarote le Ederei, e leng e mong wa masalla a Barefaime. Bana Moshe o ile a ba hlola, a hapa naha ya bona.
13. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
14. Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.
15. Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona.
16. Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,
17. le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,
18. le Jahase, le Kedemote, le Mefaata,