Joshua 13:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.

2. “Ena ke naha e sa setseng: Ditereke tsohle tsa Bafilesita, le tsohle tsa Bageshure.

3. E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa.

4. Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore.

5. Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.

6. “Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.

7. Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.”

8. Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.

9. Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone;

10. le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone.

11. Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka,

12. le naha yohle e Bashane, ya Oge, ya neng a busa Ashetarote le Ederei, e leng e mong wa masalla a Barefaime. Bana Moshe o ile a ba hlola, a hapa naha ya bona.

Joshua 13