6. Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.
7. Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.
8. A e abela le naha e maralleng, le e diphuleng, le ya Araba, le e matswapong, le e lehwatateng, le e ka borwa, le naha ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Baperise, le ya Bahife, le ya Bajebuse.
9. Ha bolawa kgosi ya Jeriko, le kgosi ya Ai e pela Bethele,
10. le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone,