4. Ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashabane, e nngwe ya masalla a Refaine, e neng a ahile Ashetarote le Ederei.
5. E ne e busa thabeng ya Heremone, le Saleka, le naheng yohle ya Bashane, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le Bamaaka, le karolo e nngwe ya Gileade, le ho ya fihla moeding wa Sihone, kgosi ya Heshebone.
6. Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.
7. Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.
8. A e abela le naha e maralleng, le e diphuleng, le ya Araba, le e matswapong, le e lehwatateng, le e ka borwa, le naha ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Baperise, le ya Bahife, le ya Bajebuse.
9. Ha bolawa kgosi ya Jeriko, le kgosi ya Ai e pela Bethele,
10. le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone,
11. le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe,
12. le kgosi ya Egelone, le kgosi ya Gesere,
13. le kgosi ya Debiri, le kgosi ya Gedere,
14. le kgosi ya Horema, le kgosi ya Arada,
15. le kgosi ya Lebena, le kgosi ya Adulame,
16. le kgosi ya Makeda, le kgosi ya Bethele;
17. le kgosi ya Tapua, le kgosi ya Hefere,