Joshua 12:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela.

2. Ba hapa ya Sithone, kgosi ya Baamore, e neng a ahile Heshebone, e busa ho tloha Arowere e pela lebopo la noka ya Arenone, bohareng ba kgohlo; e busa le karolo e nngwe ya Gileade, ho ya fihla Jaboko, e leng moedi wa Baamone.

3. E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega.

4. Ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashabane, e nngwe ya masalla a Refaine, e neng a ahile Ashetarote le Ederei.

5. E ne e busa thabeng ya Heremone, le Saleka, le naheng yohle ya Bashane, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le Bamaaka, le karolo e nngwe ya Gileade, le ho ya fihla moeding wa Sihone, kgosi ya Heshebone.

6. Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.

Joshua 12