7. Joshua le bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba ba futuhela ka tsometso ha ba le metsing a Merome, ba ba lwantsha.
8. Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.
9. Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo.
10. Ka yona nako eo Joshua a kgutla, a hapa Hasore, mme kgosi ya teng a e bolaya ka sabole. Pele ho moo, Hasore e ne e le wona motse wa moreneng wa mebuso eo.
11. Batho bohle ba neng ba phela moo ba ba bolaya ka sabole, mme ba ba timetsa ho hang, ha se ke ha sala le ya mong ya phelang. Motse wa Hasore ba o tjhesa ka mollo.
12. Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.
13. Empa ha e le metse yohle e hodima dithaba, yona Baiseraele ha ba a ka ba e tjhesa, haese Hasore feela, eo Joshua a ileng a e tjhesa.
14. Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.