Joshua 11:18-23 BIBELE (SSO89SO)

18. Joshua a lwantsha dikgosi tsena ka nako e telele.

19. Ha ho motse le o mong o ileng wa etsa kgotso le bana ba Iseraele, haese wa Bahife feela, e leng wa baahi ba Gibeone; e meng yohle ba ile ba e hapa ntweng.

20. Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.

21. Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.

22. Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.

23. Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona.Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.

Joshua 11