Joshua 11:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Batho bohle ba neng ba phela moo ba ba bolaya ka sabole, mme ba ba timetsa ho hang, ha se ke ha sala le ya mong ya phelang. Motse wa Hasore ba o tjhesa ka mollo.

12. Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.

13. Empa ha e le metse yohle e hodima dithaba, yona Baiseraele ha ba a ka ba e tjhesa, haese Hasore feela, eo Joshua a ileng a e tjhesa.

14. Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.

15. Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.

16. Ka mokgwa o jwalo, Joshua a hapa naha eo yohle, e maralla, le naha yohle e ka borwa, le naha yohle ya Goshene, le naha e diphuleng, le naha ya Araba, le naha e maralla ya Iseraele, le diphula tsa yona.

17. Ho tloha thabeng ya Halaka, ho ya fihla Seire, le ho ya fihla Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, mosikong wa thaba ya Heremone, Joshua a hapa dikgosi tsohle tsa dinaha tsena, a di otla, mme a di bolaya.

18. Joshua a lwantsha dikgosi tsena ka nako e telele.

19. Ha ho motse le o mong o ileng wa etsa kgotso le bana ba Iseraele, haese wa Bahife feela, e leng wa baahi ba Gibeone; e meng yohle ba ile ba e hapa ntweng.

20. Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.

21. Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.

22. Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.

Joshua 11