1. Ha Jabine, kgosi ya Hasore, a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe, kgosi ya Madone, le ho kgosi ya Shimerone, le kgosi ya Akashafe.
2. A o romela le ho dikgosi tsohle tse ka leboya, naheng e maralla, le Lewatleng la Letswai, ka borwa ho Kinerete, le diphuleng, le maralleng a Dore, ka bophirimela.
3. A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.
4. Bana ba futuha, e le bona le mabotho wohle a bona. E ne e le batho ba bangata, ba jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle; e le letshwele, le dipere, le dikariki tsa ntwa tse ngata.
5. Dikgosi tsena tsohle tsa kopanya mabotho, mme hammoho tsa fihla tsa hloma metsing a Merome, ho lwantsha Baiseraele.
6. Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”
7. Joshua le bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba ba futuhela ka tsometso ha ba le metsing a Merome, ba ba lwantsha.
8. Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.
9. Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo.
10. Ka yona nako eo Joshua a kgutla, a hapa Hasore, mme kgosi ya teng a e bolaya ka sabole. Pele ho moo, Hasore e ne e le wona motse wa moreneng wa mebuso eo.