Joshua 10:28-41 BIBELE (SSO89SO)

28. Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

29. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Makeda, a ya Lebena, mme a futuhela motse wa Lebena.

30. Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

31. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lebena, a ya Lakishe, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.

32. Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena.

33. Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.

34. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lakishe, a ya Egelone, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela.

35. Ka lona letsatsi leo ba o hapa, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho wona, ka sabole. Batho bohle ba neng ba phela motseng oo a ba timetsa ho hang ka lona letsatsi leo, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lakishe.

36. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo.

37. Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona.

38. Joshua a kgutlela Debiri, a ena le Baiseraele bohle, a futuhela motse oo.

39. Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.

40. Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.

41. Joshua a bolaya tsohle ho tloha Kadeshe-Barenea ho ya fihla Gasa, le naheng yohle ya Goshene, le ho ya fihla Gibeone.

Joshua 10