Joshua 10:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare?Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela.

14. Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele.

15. Joshua a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale, a ena le Baiseraele bohle.

16. Dikgosi tsena tse hlano tsa baleha, tsa ipata ka lehaheng la Makeda.

17. Joshua a tsebiswa, ha thwe: “Dikgosi tse hlano di fumanwe di ipatile ka lehaheng la Makeda.”

18. Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele.

19. Empa le se ke la dula moo; le phaladise dira tsa lona, le bolaye ba saletseng morao. Le se ke la ba dumella ho kena metseng ya bona, hobane Morena Modimo wa lona, o le neetse bona matsohong.”

20. Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane;

21. setjhaba sohle sa kgutlela diahelong tsa Joshua tse Makeda, ka kgotso. Ha ho ya kileng a nyatsa bana ba Iseraele, leha e le ho nyefola e mong wa bona feela.

22. Jwale Joshua a re: “Tlosang majwe molomong wa lehaha, le ntshe dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, le di tlise ho nna.”

23. Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone.

24. Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.

Joshua 10