Joshua 10:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.

11. Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.

12. Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re:“Wena, letsatsi,ema themelele! hodima Gibeone!Le wena kgwedi,themelele! hodima Aiyalone!”

13. Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare?Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela.

14. Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele.

15. Joshua a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale, a ena le Baiseraele bohle.

16. Dikgosi tsena tse hlano tsa baleha, tsa ipata ka lehaheng la Makeda.

17. Joshua a tsebiswa, ha thwe: “Dikgosi tse hlano di fumanwe di ipatile ka lehaheng la Makeda.”

18. Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele.

19. Empa le se ke la dula moo; le phaladise dira tsa lona, le bolaye ba saletseng morao. Le se ke la ba dumella ho kena metseng ya bona, hobane Morena Modimo wa lona, o le neetse bona matsohong.”

20. Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane;

21. setjhaba sohle sa kgutlela diahelong tsa Joshua tse Makeda, ka kgotso. Ha ho ya kileng a nyatsa bana ba Iseraele, leha e le ho nyefola e mong wa bona feela.

Joshua 10