1. Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona.
2. A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla.
3. Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re:
4. “Nyolohelang ho nna, le tlo nthusa ke hape Gibeone, hobane baahi ba yona ba se ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.”
5. Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela.
6. Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”
7. Joshua a nyoloha Gilegale, a ena le bahlabani bohle, le banna bohle ba bahale.
8. Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”
9. Joshua a tsamaya bosiu bohle ho tloha Gilegale, mme a ba futuhela ka ho ba tsometsa.
10. Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.
11. Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.
12. Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re:“Wena, letsatsi,ema themelele! hodima Gibeone!Le wena kgwedi,themelele! hodima Aiyalone!”