Joshua 1:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. “Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: <Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.> ”

12. Joshua a bua ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase, a re:

13. “Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: <Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.>

14. Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse.

15. Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”

16. Ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa tsohle tseo o re laetseng tsona, mme hohle moo o tla re romela teng re tla ya.

17. Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe.

18. Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”

Joshua 1