Jonase 4:3-9 BIBELE (SSO89SO)

3. Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”

4. Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”

5. Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse.

6. Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.

7. Empa ka le hlahlamang, e sa le kameso, Modimo a romela seboko se ileng sa eja moko wa sefate seo, yaba se a pona.

8. Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”

9. Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?”Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”

Jonase 4