Jonase 4:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jonase a utlwa bohloko haholo, mme a halefa.

2. Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla.

3. Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”

4. Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”

5. Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse.

6. Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.

7. Empa ka le hlahlamang, e sa le kameso, Modimo a romela seboko se ileng sa eja moko wa sefate seo, yaba se a pona.

Jonase 4