Jonase 3:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.

6. Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng.

7. Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re:“Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi.

8. Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.

9. Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”

10. Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.

Jonase 3