1. Lentswe la Morena la fihla ho Jonase kgetlo la bobedi, la re:
2. “Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”
3. Yaba Jonase o a tsamaya, o ya Ninife, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ninife e ne e le motse wa setletlehadi; motho o ne a nka matsatsi a mararo ho tswela ka nqane ho wona.
4. Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”
5. Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.