Jonase 2 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo ya Jonase

1. Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,

2. a re:“Mahlomoleng a kaka ipiletsa ho Morena,ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba.Ka kopa thusoke le botebong ba Nqalo ya Bafu,mme wa utlwa lentswe la ka.

3. O ile wa nkakgela kweetseng,wa nkakgela bodibeng ba lewatle;wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa,maqhubu a tsudubutlana hodima ka.

4. Ka re: <O ntahletse hole le wena,empa ke tla boela ke bone,ke bone Tempele ya hao,Tempele e halalelang.>

5. Ke fihlile kweetseng,metsi a nkgamme,lewatle le mpotapotile kahohle,bolele bo rareditse hlooho ya ka.

6. Ke ne ke tebile,ke le tlase ho dithaba,mekwallo ya Nqalo ya Bafue nkwalletse ruri;empa wena Morena Modimo wa ka,o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

7. “Ha ke ne ke le makgatheng,makgatheng a ho shwa,ke ile ka o hopola, wena Morena,thapelo ya ka ya finyella ho wena,ka Tempeleng ya hao e halalelang.

8. “Ba kgumamelangmedingwana ya bohata,ba furalla sediba sa bona sa mohau.

9. Ha e le nnake tla o nyehella ka sehlabelo,ke ntse ke o binela ka teboho,ke phetha le tsona dikano tsa ka.Pholoho e tswa ho Morena!”

10. Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.