3. Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
4. Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe.
5. Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe.Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.
6. Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”
7. Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.
8. Jwale ba mmotsa, ba re; “Re bolelle hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena! Mosebetsi wa hao ke ofe? Hona o tswa kae? Haeno ke hokae? Tjhaba sa heno ke sefe?”
9. Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”
10. Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse.