Johanne 8:7-22 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha ba ntse ba phehelletse ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: “Ya se nang sebe ho lona, a mmetse pele ka lejwe!”

8. A inama hape, a ngola fatshe.

9. Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo.

10. Yare ha Jesu a inamoloha, a re ho yena: “Mosadi, ba kae? Ha ho ya o tswileng?”

11. A re: “Ha a yo, Morena.”Jesu a re: “Le nna ha ke o tswe; eya, mme ho tloha jwale o se ke wa hlola o etsa sebe.”

12. Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”

13. Bafarisi ba re ho yena: “O a ipakela; bopaki ba hao hase ba nnete.”

14. Jesu a ba araba, a re: “Leha ke ipakela, bopaki ba ka ke ba nnete, kahobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng, empa lona ha le tsebe moo ke tswang teng, kapa moo ke yang teng.

15. Lona le ahlola ho ya ka nama, nna ha ke ahlole motho.

16. Empa leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete, hobane ha ke nnotshi, empa ke na le Ntate ya nthomileng.

17. Esita le Molaong wa lona ho ngotswe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.

18. Ke nna ya ipakelang, le Ntate ya nthomileng o a mpakela.”

19. Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?”Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.”

20. Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.

21. A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”

22. Bajuda ba re: “Na ke hobane o tla ipolaya, ha a re: <Moo ke yang teng, le ke ke la tla?> ”

Johanne 8