Johanne 8:45-59 BIBELE (SSO89SO)

45. Empa, hobane ke bolela nnete, ha le ntumele.

46. Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele?

47. Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.”

48. Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”

49. Jesu a araba, a re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, mme lona le a ntlhompholla.

50. Nna ha ke ipatlele tlotla; o teng ya e batlang, ya ahlolang.

51. Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.”

52. Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: <Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.>

53. Na wena o moholo ho ntata rona Aborahama, ya shweleng? Le baporofeta ba shwele. O iketsa mang?”

54. Jesu a araba, a re: “Ha ke itlotlisa, tlotla ya ka hase letho; ya ntlotlisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona,

55. empa ha le mo tsebe; nna ke a mo tseba. Ha nka ka re ha ke mo tsebe, ke tla ba leshano jwaloka lona, empa ke a mo tseba, mme ke boloka lentswe la hae.

56. Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”

57. Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo tse mashome a mahlano, na o bone Aborahama na?”

58. Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”

59. Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.

Johanne 8