Johanne 8:33-47 BIBELE (SSO89SO)

33. Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: <Le tla lokoloha>?”

34. Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.

35. Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla.

36. Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.

37. Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona.

38. Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.”

39. Ba mo araba, ba re: “Ntata rona ke Aborahama.”Jesu a re ho bona: “Hoja le bana ba Aborahama, le ka be le etsa diketso tsa Aborahama,

40. empa jwale le batla ho mpolaya, ke le motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo; hona Aborahama ha a ka a ho etsa.

41. Lona le etsa diketso tsa ntata lona.”Ba re ho yena: “Ha re a tswalwa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Modimo.”

42. Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng.

43. Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? Ke kahobane le ke ke la utlwa lentswe la ka.

44. Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.

45. Empa, hobane ke bolela nnete, ha le ntumele.

46. Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele?

47. Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.”

Johanne 8