Johanne 8:31-42 BIBELE (SSO89SO)

31. Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;

32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”

33. Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: <Le tla lokoloha>?”

34. Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.

35. Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla.

36. Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.

37. Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona.

38. Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.”

39. Ba mo araba, ba re: “Ntata rona ke Aborahama.”Jesu a re ho bona: “Hoja le bana ba Aborahama, le ka be le etsa diketso tsa Aborahama,

40. empa jwale le batla ho mpolaya, ke le motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo; hona Aborahama ha a ka a ho etsa.

41. Lona le etsa diketso tsa ntata lona.”Ba re ho yena: “Ha re a tswalwa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Modimo.”

42. Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng.

Johanne 8