20. Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.
21. A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”
22. Bajuda ba re: “Na ke hobane o tla ipolaya, ha a re: <Moo ke yang teng, le ke ke la tla?> ”
23. A re ho bona: “Lona le ba tlase mona, nna ke wa hodimo; lona le ba lefatshe lena, nna ha ke wa lefatshe lena.
24. Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”
25. Ba re ho yena: “O mang?”Jesu a re ho bona: “Hantle ke buelang le lona?
26. Ke na le tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlola, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme tseo ke di utlwileng ho yena, ke di bua lefatsheng.”
27. Ha ba a ka ba utlwisisa hore o bua le bona ka Ntate.
28. Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.
29. Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”
30. Ha a ntse a bua tsena, ba bangata ba dumela ho yena.
31. Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;
32. le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”
33. Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: <Le tla lokoloha>?”
34. Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.
35. Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla.
36. Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.