Johanne 8:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Jesu yena a ya Thabeng ya Mehlwaare.

2. Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta.

3. Jwale Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba tlisa mosadi ya tshwerweng ka bofebe, ba mo emisa kapele ho bona,

4. ba re ho Jesu: “Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a ntse a feba.

5. Molaong Moshe o laetse hore ba jwalo re ba tlepetse ka majwe; wena o reng?”

6. Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona.Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.

7. Ha ba ntse ba phehelletse ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: “Ya se nang sebe ho lona, a mmetse pele ka lejwe!”

8. A inama hape, a ngola fatshe.

9. Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo.

10. Yare ha Jesu a inamoloha, a re ho yena: “Mosadi, ba kae? Ha ho ya o tswileng?”

Johanne 8