5. Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.
6. Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla.
7. Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.
8. Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”
9. Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea.
10. Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring.
11. Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?”
12. Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.”Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”
13. Leha ho le jwalo ho ne ho se ya buang ka yena pepeneneng ka baka la ho tshaba Bajuda.
14. Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a ya ka Tempeleng, a ruta.
15. Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”
16. Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng;
17. ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.
18. Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.
19. Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”
20. Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”