Johanne 7:41-53 BIBELE (SSO89SO)

41. Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!”Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea?

42. Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”

43. Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae;

44. ba bang ho bona ba ne ba lakatsa ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho.

45. Jwale bahlanka ba ya ho baprista ba baholo le ho Bafarisi, mme bao ba re ho bona: “Ke ka baka lang le sa mo tlisang?”

46. Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”

47. Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe?

48. Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?

49. Empa mahoohoo ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.”

50. Nikodema, e mong wa bona, ya neng a tle ho yena pele ho moo, a re ho bona:

51. “Na Molao wa rona o ahlola motho a eso ikarabelle, le ho tseba seo a se entseng?”

52. Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”

53. Jwale e mong le e mong a ya tlung ya hae.

Johanne 7