Johanne 7:37-47 BIBELE (SSO89SO)

37. Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.

38. Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”

39. A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.

40. Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”

41. Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!”Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea?

42. Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”

43. Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae;

44. ba bang ho bona ba ne ba lakatsa ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho.

45. Jwale bahlanka ba ya ho baprista ba baholo le ho Bafarisi, mme bao ba re ho bona: “Ke ka baka lang le sa mo tlisang?”

46. Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”

47. Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe?

Johanne 7