19. Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”
20. Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”
21. Jesu a ba araba, a re: “Ke entse ketso e le nngwe, mme le maketse bohle.
22. Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha.
23. Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?
24. Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”
25. Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya?
26. Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste?
27. Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.”
28. Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng.
29. Nna ke a mo tseba, hobane ke tswa ho yena, mme ke yena ya nthomileng.”
30. Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.
31. Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”
32. Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara.
33. Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng.
34. Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.”
35. Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike?
36. Ke polelo nngwe eo a e boletseng, ha a re: <Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.> ”
37. Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.
38. Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”