Johanne 7:17-27 BIBELE (SSO89SO)

17. ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.

18. Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.

19. Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”

20. Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”

21. Jesu a ba araba, a re: “Ke entse ketso e le nngwe, mme le maketse bohle.

22. Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha.

23. Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?

24. Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”

25. Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya?

26. Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste?

27. Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.”

Johanne 7