Johanne 7:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.

2. Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.

3. Yaba bana babo ba re ho yena: “Tloha mona, o ye Judea, hore le barutuwa ba hao ba bone mesebetsi eo o e etsang,

4. hobane ha ho ya etsang letho sephiring, ha a batla ho ba pepeneneng. Ha o etsa tsena, iponahatse ho lefatshe.”

5. Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.

6. Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla.

7. Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.

8. Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”

9. Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea.

10. Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring.

11. Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?”

12. Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.”Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”

13. Leha ho le jwalo ho ne ho se ya buang ka yena pepeneneng ka baka la ho tshaba Bajuda.

Johanne 7