64. Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang.
65. A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.”
66. Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.
67. Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: “Na le lona le rata ho ikela na?”
68. Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng;
69. rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.”
70. Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!”
71. O ne a bolela Judase, mora Simone Isekariota, hobane o ne a se a tla mo eka, leha e ne e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.