Johanne 6:54-70 BIBELE (SSO89SO)

54. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.

55. Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete.

56. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.

57. Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.

58. Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”

59. A bolela ditaba tsena a ntse a ruta ka tlung ya thapelo, Kaperenauma.

60. Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?”

61. Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?

62. Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?

63. Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.

64. Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang.

65. A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.”

66. Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.

67. Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: “Na le lona le rata ho ikela na?”

68. Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng;

69. rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.”

70. Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!”

Johanne 6