49. Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa.
50. Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.
51. Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”
52. Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”
53. Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona.
54. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.
55. Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete.
56. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.
57. Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.
58. Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”
59. A bolela ditaba tsena a ntse a ruta ka tlung ya thapelo, Kaperenauma.
60. Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?”
61. Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?
62. Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?