Johanne 6:36-48 BIBELE (SSO89SO)

36. Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele.

37. Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,

38. hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng.

39. Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.

40. Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”

41. Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”

42. mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: <Ke theohile lehodimong>?”

43. Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng.

44. Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.

45. Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: <Bohle ba tla rutwa ke Modimo.> E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.

46. E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.

47. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng.

48. Ke nna bohobe ba bophelo.

Johanne 6