Johanne 6:32-47 BIBELE (SSO89SO)

32. Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,

33. hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”

34. Ba re ho yena: “Morena, re fe bohobe bona kamehla.”

35. Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.

36. Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele.

37. Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,

38. hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng.

39. Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.

40. Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”

41. Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”

42. mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: <Ke theohile lehodimong>?”

43. Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng.

44. Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.

45. Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: <Bohle ba tla rutwa ke Modimo.> E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.

46. E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.

47. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng.

Johanne 6