22. Ka la hosasane letshwele le emeng mose ho letsha la lemoha hore ha ho sekepe moo, haese se le seng, le hore Jesu ha a a ka a kena le barutuwa ba hae ka sekepeng seo, empa barutuwa ba hae ba tlohile ba nnotshi.
23. Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.
24. Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu.
25. Ha batho bao ba mo fumana mose ho letsha, ba re ho yena: “Rabbi, o tlile neng moo?”
26. Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora.
27. Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”
28. Ba re ho yena: “Re ka etsa eng hore re tle re sebetse mesebetsi ya Modimo?”
29. Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”
30. Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?
31. Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: <O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong.> ”