11. Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.
12. Ha ba se ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang makumane a setseng, hore ho se ke ha senyeha letho.”
13. Ba a bokella, mme ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka makumane a setseng, a dinkgwa tse hlano tsa harese, tseo ba di jeleng.
14. Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”
15. Empa Jesu ha a lemoha hore ba se ba tla tla ho mo nka, ba mo qobelle ho ba kgosi, a boela a ya thabeng a nnotshi.
16. Mantsiboya, barutuwa ba hae ba theohela letsheng,
17. mme ba kena ka sekepeng, ba tshelela Kaperenauma, mose ho letsha. Ho ne ho se ho le lefifi, empa Jesu a eso fihle ho bona;
18. letsha le ne le tsudubutlana kaha ho ne ho foka moya o matla.
19. Ha ba se ba sokile sebaka se ka bang dikilomethara tse nne kapa tse hlano, ba bona Jesu a tsamaya hodima letsha, a atamela sekepe, mme ba tshoha.
20. Empa a re ho bona: “Ke nna; se tshabeng!”
21. Ba mo kenya sekepeng ka thabo, mme hanghang sekepe sa fihla lebopong leo ba yang ho lona.
22. Ka la hosasane letshwele le emeng mose ho letsha la lemoha hore ha ho sekepe moo, haese se le seng, le hore Jesu ha a a ka a kena le barutuwa ba hae ka sekepeng seo, empa barutuwa ba hae ba tlohile ba nnotshi.
23. Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho.
24. Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu.
25. Ha batho bao ba mo fumana mose ho letsha, ba re ho yena: “Rabbi, o tlile neng moo?”