1. Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase.
2. Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.
3. Jesu a nyolohela thabeng, mme a dula moo le barutuwa ba hae.
4. Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.
5. Jwale ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona hore letshwelehadi le tla ho yena, a re ho Filipi: “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?”
6. A bua hona ka ho mo nonya maikutlo, hobane o ne a tseba seo a tla se etsa.
7. Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.”
8. E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena:
9. “Moshanyana o teng mona, ya nang le dinkgwa tse hlano tsa harese le ditlhapi tse pedi, empa hoo e ka ba eng ho batho ba bangata hakaale?”
10. Jesu a re: “Dudisang batho fatshe.” Jwang bo ne bo le bongata sebakeng seo. Banna ba dula fatshe, palo ya bona e ka ba kete tse hlano.
11. Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng.
12. Ha ba se ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang makumane a setseng, hore ho se ke ha senyeha letho.”