Johanne 5:32-47 BIBELE (SSO89SO)

32. e mong o teng ya mpakelang, mme ke tseba hore bopaki boo a mpakelang ka bona ke ba nnete.

33. “Le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete;

34. nna ha ke amohele bopaki ba motho, empa ke bolela tsena hore le pholoswe.

35. Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.

36. “Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile;

37. le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang,

38. mme lentswe la hae ha le dule ka ho lona, kahobane ha le dumele eo a mo romileng.

39. Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,

40. empa ha le rate ho tla ho nna hore le be le bophelo.

41. “Ha ke amohele tlotla ho batho,

42. empa ke a le tseba: Ha le na lerato la Modimo ka ho lona.

43. Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela.

44. Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisanang, empa le sa batle tlotla e tswang ho Modimo ya inotshi?

45. “Le se ke la hopola hore ke tla le qosa ho Ntate; ya le qosang ke Moshe, eo le mo tshepileng.

46. Hoja le dumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka nna.

47. Empa ha le sa dumele seo a se ngotseng, dipolelo tsa ka le tla di dumela jwang?”

Johanne 5