Johanne 5:24-32 BIBELE (SSO89SO)

24. “Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong.

25. Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

26. Jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le Mora ho ba le bophelo ka ho yena.

27. O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho.

28. “Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae,

29. mme ba tla tswa, ba entseng tse molemo ba tsohele bophelo, ba entseng tse kgopo ba tsohele kahlolo.

30. “Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka, empa thato ya ya nthomileng.

31. “Ha ke ipakela, bopaki ba ka hase ba nnete;

32. e mong o teng ya mpakelang, mme ke tseba hore bopaki boo a mpakelang ka bona ke ba nnete.

Johanne 5