1. Kamora tsena ha eba le mokete wa Bajuda, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.
2. Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano.
3. Tlasa wona ho ne ho paqama bakudi ba bangata: difofu, le diritsa, le ba shweleng ditho, ba lebeletse ho fuduhuwa ha metsi,
4. hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.
5. Monna e mong o ne a le teng ya kutseng dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi.
6. Ha Jesu a mmona a paqame moo, mme a tseba hore e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: “Na o rata ho fola?”
7. Mokudi a mo araba, a re: “Monghadi, ha ke na motho ya nkenyang letshaneng ha metsi a fuduhuwa; e ye ere ke sa ya, e mong a theohele pele ho nna.”
8. Jesu a re ho yena: “Tsoha, nka diphate tsa hae, o tsamaye.”
9. Motho eo a fola hanghang, a nka diphate tsa hae, mme a tsamaya.Letsatsi leo e ne e le la Sabatha.
10. Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.”
11. Empa a ba araba, a re: “Ya mphodisitseng, ke yena ya itseng ho nna: <Nka diphate tsa hao, o tsamaye.> ”
12. Ba mmotsa, ba re: “Motho ya itseng ho wena: <Nka diphate o tsamaye,> ke mang?”
13. Empa ya fodisitsweng o ne a sa tsebe hore na ke mang, hobane Jesu o ne a tlohile, kaha ho ne ho ena le letshwele sebakeng seo.
14. Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.”
15. Monna eo a tloha, mme a bolella Bajuda hore ke Jesu ya mo fodisitseng.
16. Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha.
17. Empa Jesu a ba araba, a re: “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela jwale, mme le nna ke a sebetsa.”
18. Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo.
19. Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa.