Johanne 3:8-20 BIBELE (SSO89SO)

8. Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.”

9. Nikodema a mo araba, a re: “Tsee di ka etsahala jwang?”

10. Jesu a mo araba, a re: “O moruti wa Iseraele, empa ha o utlwisise ditaba tsee?

11. Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.

12. Haeba le sa dumele ha ke le bolella tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo na?

13. Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho.

14. Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,

15. hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a be le bophelo bo sa feleng.

16. “Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

17. Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.

18. Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi.

19. Kahlolo ke ena: Lesedi le tlile lefatsheng, empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.

20. E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa.

Johanne 3