Johanne 3:25-36 BIBELE (SSO89SO)

25. Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso.

26. Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”

27. Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong.

28. Lona ka sebele le ka mpakela hore ke itse: <Nna ha ke Kreste, empa ke romilwe ho mo etella pele.>

29. Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.

30. Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.

31. “Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;

32. seo a se boneng, a se utlwa, o a se paka, empa ha ho ya amohelang bopaki ba hae.

33. Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke nnete.

34. Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.

35. Ntate o rata Mora, mme o beile tsohle matsohong a hae.

36. Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”

Johanne 3