20. E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa.
21. Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.”
22. Kamorao ho tsena Jesu le barutuwa ba hae ba ya naheng ya Judea; a hlola le bona teng, a kolobetsa.
23. Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa,
24. hobane Johanne o ne a eso kenngwe tjhankaneng.
25. Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso.
26. Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”
27. Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong.
28. Lona ka sebele le ka mpakela hore ke itse: <Nna ha ke Kreste, empa ke romilwe ho mo etella pele.>
29. Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.
30. Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.
31. “Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;
32. seo a se boneng, a se utlwa, o a se paka, empa ha ho ya amohelang bopaki ba hae.
33. Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke nnete.
34. Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.