Johanne 3:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho ne ho ena le monna wa Mofarisi, lebitso la hae e le Nikodema, e le mmusi wa Bajuda.

2. A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”

3. Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”

4. Nikodema a re ho yena: “Motho a ka tswalwa jwang a se a tsofetse na? Na a ka kena ka popelong ya mmae kgetlo la bobedi, mme a tswalwa?”

5. Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.

6. Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya.

7. O se ke wa makala ha ke itse ho wena: Eka kgona le tswalwe botjha.

8. Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.”

Johanne 3